Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 5:2 - BIBELE

2 Jwale ba nka areka eo ya Modimo, ba e kenya ka tempeleng ya Dagone, ba e bea pela Dagone.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bafilesta ha ba se ba ile le areka ya Modimo, ba e kenya tlung ya Dagone, ba e bea mabapa le Dagone.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 5:2
7 Iomraidhean Croise  

Ba bea seaparo sa Saule sa ntwa ka tempeleng ya medimo ya bona ya bohata, hlooho ya hae yona ba e fanyeha ka tempeleng ya Dagone.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Ba fefola sa moya o foka, o ba o feta, ba fefola jwalo, ebe ba a ikela; banna bana ke banna ba sehloho, matla ke wona modimo wa bona.”


Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye.


Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan