Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 5:1 - BIBELE

1 Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 5:1
12 Iomraidhean Croise  

Areka ya selekane sa hae a e tlohela, a e tlohella ho haptjwa, areka e bonahatsang tlotla ya hae ya wela matsohong a sera.


Ka selemo seo molaodi e moholo a neng a tle Ashedode ka sona, a romilwe ke Saregone, kgosi ya Asiria, molaodi eo a futuhela Ashedode, mme a e hapa.


Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona.


Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.


Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.


E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa.


Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke.


Areka ya Modimo ya haptjwa; bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, le bona ba bolawa.


A boela a re: “Tlotla e tlohile ho Baiseraele, hobane ho hapilwe areka ya Modimo!”


Areka ya Morena ya qeta digwedi tse supileng e le naheng ya Bafilesita.


Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan