Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 30:24 - BIBELE

24 Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke mang ya tla le mamela tabeng tseo na? Seabo sa ya yang ntweng se tshwanetse ho lekana le seabo sa letsholakobo, ba hapiswe ka mokgwa o le mong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 30:24
7 Iomraidhean Croise  

Morena a ntsha taelo, letshwele la basadi la tlisa molaetsa o reng:


Le arole kgapo eo dikoto tse pedi, le e abele bahlabani ba tswang ntweng, le abele le setjhaba sohle.


A bua le bona, a re: “Le boela ditenteng tsa lona le ena le leruo le lengata, le diphoofolo tse ngata, le silefera, le kgauta, le lethose, le tshepe, le diaparo tse ngata. Arolelang bana babo lona tseo le di hapileng ho dira tsa lona.”


Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.


Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.


Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona.


Ho tloha mohlang oo, yaba Davida o se a etseditse Baiseraele molao le taelo, mme ho ntse ho le jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan