Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 3:9 - BIBELE

9 Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaya o yo robala. Haeba a ka o bitsa hape, o tle o re: ‘Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.’ ” Samuele a tsamaya, a fihla a robala moo a neng a ntse a robetse teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka baka leo, Eli a re ho Samuele: Eya, o robale; etlere ha o bitswa, o re: Bua Jehova, mohlanka wa hao o mametse. Yaba Samuele o a ya, a robala sebakeng sa hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 3:9
9 Iomraidhean Croise  

Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose.


A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona.


Yaba se re ho Moshe: “Wena bua le rona, mme re tla mamela. Modimo yena a se ke a mpa a bua le rona, esere ra shwa.”


Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”


Motho eo a re ho nna: “Se tshabe, wena ya ratwang haholo. Kgotso e be le wena! Matlafala, e, matlafala!” Hoba a bue le nna ka matlafala, ka re: “Bua, monga ka, hobane jwale o mmatlafaditse.”


empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”


Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”


Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.”


Morena a bitsa Samuele kgetlo la boraro. Yaba o a tsoha, o ya ho Eli, o re: “Ke nna enwa; o mpitsitse!” Eli a elellwa hore ke Morena ya bitsang moshanyana.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan