1 Samuele 28:6 - BIBELE6 Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)6 Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta. Faic an caibideil |
Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?” Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.”