Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 28:21 - BIBELE

21 Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka leo, mosadi a tla ho Saule; ha a bona hobane o tshohile haholo, a re ho yena: Bona, lekgabunyane la hao le mametse lentswe la hao, ke bile ke tetse bophelo ba ka, ka mamela taba tsa hao tseo o di buileng ho nna.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 28:21
6 Iomraidhean Croise  

Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”


Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona!


E ile yare ha ke bona hore ha le mphallele, yaba ke a itela, ke tshelela ho Baamone, mme Morena a neelana ka bona matsohong a ka. Jwale ke hobaneng ha le mphutuhela kajeno?”


O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”


Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je.


Ka baka lena ke a o rapela, le wena ako mamele lekgabunyane la hao. A nke ke u fe thathana ya bohobe o je, o tle o matlafale, ebe o tswela pele leetong la hao.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan