Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 23:10 - BIBELE

10 Davida a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile hore Saule o tla Keila ho tla ripitla motse ona ka baka la ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Davida a re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile kannete hobane Saule o batla ho tla Keila, le ho fedisa motse ka baka la ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 23:10
8 Iomraidhean Croise  

Ere mohlomong ho na le ba mashome a mahlano ba lokileng motseng oo, na o tla o timetsa, ho ena le ho o hauhela ka baka la bao ba mashome a mahlano ba phelang ho wona?


Hoba Hamane a utlwe hore Moredekai ke wa setjhaba sefe, a bona ho sa tshwanele hore a bolaye yena feela. Yaba o rera hore a bolaye setjhaba sohle sa habo Moredekai, e leng Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tse buswang ke Ahashuerushe.


Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi.


A bolaya le baahi ba motse wa Nobe ka sabole, le dikgomo, le ditonki, le dinku.


Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna matsohong a Saule? Na Saule o tla fela a theohele kwano jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile? Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Ako tsebise mohlanka wa hao.” Morena a re: “O tla theohela.”


Saule a bitsa bahlabani bohle hore ba ye ntweng, ba theohele Keila, ba yo thibella Davida le banna ba hae.


Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan