Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 19:20 - BIBELE

20 Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 19:20
13 Iomraidhean Croise  

“Etlare hoba tsena di phethahale, ke theolele Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro, bahlankana ba lona ba tla bona dipono.


Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,


Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara.


Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.


Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona.


Ka bona bosiu boo Saule a romela maqosa ho ya lalla Davida tlung ya hae, e le hore a tle a mmolaye ka la hosasane. Empa Mikale, mohatsa Davida, a mo tsebisa taba ena, a re: “Haeba o ke ke wa baleha bosiung bona, hosasane o tla bolawa.”


Saule a romela maqosa ho ya tshwara Davida, empa Mikale a re: “Davida o a kula.”


Saule a tsebiswa, ha thwe: “Davida o Naiote.”


Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan