Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 17:28 - BIBELE

28 Eliabe, moholwane wa hae, o ne a ntse a utlwa ha Davida a bua le banna bao. Bohale ba hae ba tlokomela Davida, mme a re: “O tlisitswe keng moo? Mohlatswana ola wa dinku o o siile le mang, kwa lehwatateng? Ke tseba boikakaso ba hao, le pelo ya hao e mpe! O tlile kwano feela hore o tlo shebella ntwa!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 17:28
15 Iomraidhean Croise  

Bana babo ba mo honohela, empa ntatae yena a nna a nahana polelo eo.


Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso.


Bana babo ba re ho yena: “Na ruri o tla re busa? Kapa na ruri o tla rena hodima rona?” Ba tswela pele ho mo hloya haholo, ka baka la ditoro tseo tsa hae, le ka baka la dipolelo tseo tsa hae.


Rehoboame a nyala Mahalate, moradi wa Jeremote, mora wa Davida eo mmae e neng e le Abihaele, moradi wa Eleabe, mora wa Jese,


Dipaki tse kgopo di eme lepaketla, di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng.


Ngwanabo motho ha a kgenne o thata ho feta qhobosheane, qhobosheane e matla, diphapang tsona e ka mekwallo ya qhobosheane.


Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


mme ba ntlo ya motho e tla ba dira tsa hae.


O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona.


Ha ba habo ba utlwa hona, ba ya ho ya mo tshwara, hobane ba ne ba re ha a sa nka hantle.


Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona.


Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


Davida a re: “Ke entseng jwale? Na ha ke a tshwanela ho botsa?”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan