1 Samuele 17:20 - BIBELE20 Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)20 Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi. Faic an caibideil |
Eliabe, moholwane wa hae, o ne a ntse a utlwa ha Davida a bua le banna bao. Bohale ba hae ba tlokomela Davida, mme a re: “O tlisitswe keng moo? Mohlatswana ola wa dinku o o siile le mang, kwa lehwatateng? Ke tseba boikakaso ba hao, le pelo ya hao e mpe! O tlile kwano feela hore o tlo shebella ntwa!”