Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 17:17 - BIBELE

17 Yaba Jese o re ho Davida, mora wa hae: “Nka dikilo tse leshome tsa koro e hadikilweng, le dinkgwa tse leshome, o phakise o di ise diahelong, ho bana beno.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jese a re ho mora hae Davida: Isetsa banabeno efa ya koro e hadikilweng le dipolokwe tsena tse leshome, o titimele ho banabeno diahelong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 17:17
6 Iomraidhean Croise  

Ba tlisa mealo, le dikotlolo, le dipitsana tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le sebera, le dinawa, le dierekisi, le dipabi,


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang?


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”


Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya.


Mofilesita eo o ne a ye a tle hoseng ho hong le ho hong, le mantsiboya a mang le a mang, a nne a sasanke, mme hona a ho etsa ka matsatsi a mashome a mane.


Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan