Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 14:52 - BIBELE

52 Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Ntwa e kgolo ya nna ya eba teng ya Saule le Bafilesta ka tshiu tsohle tsa hae. Mme Saule, enere ha a bona monna ya matla, leha e le monna ya bohale, o ne a inkela yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 14:52
4 Iomraidhean Croise  

Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.


Ha Samuele a se a tsofetse, a bea bara ba hae hore e be baahlodi ba Baiseraele.


A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan