1 Samuele 14:34 - BIBELE34 Saule a boela a re: “Eyang, le kene hara setjhaba, mme le re ho sona: ‘Monna e mong le e mong a tlise pholo ya hae, le monna e mong le e mong a tlise nku ya hae, ba tlo di hlabela mona, ba je. Ba se ke ba sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi.’ ” Bosiung bona boo, monna e mong le e mong wa setjhaba seo sohle a tlisa pholo ya hae. Ba di hlabela hona moo. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)34 Yaba Saule o re: Eyang le setjhaba, le bolelle e mong le e mong hore a tlise mona ho nna kgomo ya hae le nku ya hae, a e hlabe mona, a e je; le se ke la sitelwa Modimo ka ho jellela le madi. Bohle ba setjhaba ba tlisa e mong le e mong kgomo ya hae bosiung boo, mme ba di hlabela teng. Faic an caibideil |