Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 14:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi le leng Jonathane, mora wa Saule, a re ho mohlankana ya jarang dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ba kamose wane.” Empa a se ke a tsebisa ntatae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 14:1
13 Iomraidhean Croise  

O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.


Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.


A ntshetsa dinotshi tseo ka matsoho, a tswela pele, a tsamaya a ntse a eja. Yaba o kgutlela ho batswadi ba hae, a fihla a ba fa mahe a dinotshi, mme ba eja. Empa a se ke a ba bolella hore o ntsheditse mahe ana a dinotshi ka sefifing sa tawana.


Gideone a nka banna ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Morena a mo laetseng kateng. Ka baka la ho tshaba ba lelapa labo, le banna ba motse, Gideone a phetha taelo ya Morena e le bosiu.


Saule a ikgethela banna ba dikete tse tharo ba Baiseraele. Ba dikete tse pedi ba ne ba ena le yena Mikemase, le thabeng ya Bethele. Ba sekete ba ne ba ena le Jonathane, Gibea e Benjamine. Banna ba setseng a ba kgutlisetsa malapeng a bona.


Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona.


Bahlabani ba Bafilesita ba ne ba laletse lekgalong la Mikemase.


Saule o ne a le mathokong a Gibea, a dutse katlasa sefate sa kgarenate, se Migerone. Batho ba neng ba ena le yena e ne e ka ba banna ba makgolo a tsheletseng.


A re ho bahlanka ba hae: “Tswelang pele, nna ke tla le sala morao.” Empa a se ke a bolella Nabale, monna wa hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan