Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 10:20 - BIBELE

20 Yaba Samuele o atametsa merabe yohle ya Iseraele, mme ha kgethwa morabe wa Benjamine.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ebile Samuele o atametsa meloko yohle ya Iseraele, mme leloko la Benjamine la kgethwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 10:20
9 Iomraidhean Croise  

Abinere a ba a bua le ba morabe wa Benjamine, a nto ya Heborone ho Davida, mme a mmolella tsohle tseo a dumellaneng ka tsona le Baiseraele le ba ntlo ya Benjamine.


Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase.


“Ho Benjamine a re: “ ‘Moratuwa wa Morena o tla dula ka kgotso pela hae, Radiphahama o mo sireletsa letsatsi lohle, o dula tlasa tshireletso ya hae.’


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Morabe wa Benjamine wa atametswa ka malapa a wona, mme ha kgethwa lelapa la morabe wa Matiri. Jwale ha atametswa banna ba lelapa la Matiri ka bomong, mme ha kgethwa Saule, mora wa Kishe. Ba mmatla, empa ba se ke ba mo fumana.


Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae.


Saule a re ho Morena Modimo wa Iseraele: “Ke hobaneng, kajeno, o sa kang wa araba mohlanka wa hao? Haeba ke nna ya phoso, kapa ke mora wa ka Jonathane, oho, Morena Modimo wa Iseraele, ahlola ka lejwe la Urime; athe haeba ke setjhaba sa Iseraele se phoso, teng o ahlole ka lejwe la Thumime.” Lotho la supa Jonathane le Saule, mme setjhaba sa lokoloha.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan