Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Bakorinthe 9:11 - BIBELE

11 Ha e le mona re le jaletse tsa moya, na e ka ba mohlolo ho kotula tsa lona tsa lefatshe?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha re le jaletse tsa moya, e ka ba ntho e kgolo jwang ha re kotula tsa lona tsa nama na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

11 Ha re le jaletse tsa moya, na ke ntho e kgolo ha re ka kotula tsa lona tsa nama?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ha re le jaletse tsa moya, na ke ntho e kgolo ha re ka kotula tsa lona tsa nama?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Bakorinthe 9:11
8 Iomraidhean Croise  

Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: ‘Tola, mme o tla fola!’ ”


Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena.


Ka mokgwa o jwalo, Morena le yena o laetse hore ba phatlalatsang molaetsa o molemo, ba iphedise ka hona.


Ka hona hase mohlolo ha basebeletsi ba hae ba iketsa e ka ke basebeletsi ba ho loka. Bana he, qetello ya bona e tla tshwana le diketso tsa bona.


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan