1 Bakorinthe 5:1 - BIBELE1 Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)1 Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae. Faic an caibideilBaasraak Sotho NT1 Ho tumile hore hara lona ho na le bohlola, mme ke bohlola bo sa kang ba bolelwa hara baditjhaba, hore motho a be le mosadi wa ntatae. Faic an caibideilContemporary Southern Sotho Bible 20241 Ho tumile hore hara lona ho na le bohlola, mme ke bohlola bo sa kang ba bolelwa hara baditjhaba, hore motho a be le mosadi wa ntatae. Faic an caibideil |
Ha Davida a fihla ha hae Jerusalema, a nka basadi ba hae ba mafielo ba leshome, bao a neng a ba siile hae hore ba hlokomele lelapa la kgosi, a ba kwalla ka tlung, a ba beela molebedi. Davida a ba fepa, empa a se ke a kopanela dikobo le bona. Ba dula ba kwaletswe jwalo, ho fihlela ba eshwa, eka ke bahlolohadi.