Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Bakorinthe 14:4 - BIBELE

4 Ya buang ka leleme lesele o a imatlafatsa, empa ya porofetang o matlafatsa phutheho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ya buang ka puo o ikgahisa a nnotshi, empa ya porofetang o hahisa kereke.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

4 Yo o buang ka loleme o a ikaga; empa ya porofetang o matlafatsa kereke.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Yo o buang ka loleme o a ikaga; empa ya porofetang o matlafatsa kereke.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Bakorinthe 14:4
12 Iomraidhean Croise  

Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha,


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.


Bao Modimo a ba beileng kerekeng ke bana: ba pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti; ho nto latela ba etsang mehlolo, le ba dineo tsa ho fodisa kapa ho thusa ba bang, kapa ho busa, kapa ho bua ka maleme asele.


Leha nka bua dipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke se na lerato, ke itshwanela feela le tshepe e llang kapa lekapa le etsang mangenengene.


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.


Kaha le lona le labalabela dineo tsa Moya, batlang tse ngata tse tla matlafatsa phutheho.


Ho bua ka maleme asele ke pontsho e etsetswang ba sa dumelang, e seng badumedi; athe neo ya boporofeta ke ya badumedi, e seng ya ba sa dumelang.


Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.


Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.


Nka thabela ha lona bohle le ka bua ka maleme asele, empa nka thabiswa haholo ke ha le porofeta. Ya porofetang ke motho wa bohlokwa ho feta ya buang ka leleme lesele, haese haeba yena a ka itlhalosa, e le hore phutheho e matlafale.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan