Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Tshenolo 18:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

7 Le mo hlokofale le ho swabisa hakakang, le ho ithorisa hakakang, le ho phela hamonate hakakang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Le mo hlokofale le ho swabisa hakakang, le ho ithorisa hakakang, le ho phela hamonate hakakang;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Tshenolo 18:7
16 Iomraidhean Croise  

Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng.


Pelong ya hae o re: Nke ke ka sisinngwa ke letho le ka mohla o le mong; ke itshireleditse ditsietsi.


Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?


O tla nwela ho wona, o be o o momone, o be o lome dikgaketla tsa wona, o be o harole matswele a hao; hobane ke nna Morena Jehova ke boletseng hoo.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


Empa o hane bahlolohadi ba batjha; hobane ditakatso ha di ba ngadisa Kreste, ba be ba rate ho nyalwa,


Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.


Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan