Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Sakaria 9:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Sakaria 9:15
25 Iomraidhean Croise  

Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Efraime o tla ba jwaloka mohale, pelo tsa bona di tla thaba jwaloka eka ba nwele veine. Bana ba bona ba tla tla ho bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele ho Jehova.


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Dintlheng tse nne tsa aletare o tle o etse dinaka; naka tseo di tswe ho yona, mme o tle o e manehe ka koporo.


Yaba Morena o phaphama jwaloka motho ya robetseng, jwaloka mohale ya hoiswang ke veine,


Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso.


madi a mang o tla a bea manakeng a aletare e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e monyako wa tente ya pokano.


Mme le se ke la tahwa ke veine, hobane bohlola bo teng ho yona; le mpe le tlale Moya.


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


Ka tsatsi leo, ho tla be ho ngotswe diklokonyaneng tse dipereng: Kgalalelo ya Jehova; le tsona dipitsa tse ka tlung ya Jehova di tla ba jwaloka merifi e pela aletare.


Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Helang! lona kaofela ba nyorilweng, tloong metsing; le lona bao le se nang tjhelete, tloong, ithekeleng, mme le je. Tloong, le ithekele veine le lebese, le se na tjhelete, le se na ho reka.


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


molomo wa hao o be jwaloka veine e monate e phallelang ho moratuwa wa ka, e buisang melomo ya ba robetseng.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Davida a re ho Mofilesta: O tlile ho nna ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; nna, ke tla ho wena ka lebitso la Jehova wa makgotla, Modimo wa makgotla a Iseraele, eo o mo nyedisitseng.


Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.


Motsu o phoswang ha o e balehise, majwe a betswang ka letjeketjane a jwaloka mooko ho yona.


Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.


hobane ke ya tsokotsa letsoho la ka hodima tsona, di tla hapjwa ke ba neng ba di sebeletsa, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan