Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Sakaria 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba lengeloi le ahlamisa molomo, la bolella ba emeng pela lona, la re: Mo hlobodiseng diaparo tse ditshila. La re ho yena: Bona, ke lahlela bokgopo ba hao hole le wena, ke o apesa diaparo tsa bokgabane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!” La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Sakaria 3:4
34 Iomraidhean Croise  

Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.


Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.


O furalle dibe tsa ka, o hlakole makgopo a ka kaofela!


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.


Tsoha, tsoha, o ikapese ka matla, wena Sione, o apare diaparo tsa hao tsa bokgabane, wena Jerusalema, motse o halalelang! Hobane ha ho leqai, leha e le ya ditshila ya sa tlang ho hlola a kena ho wena jwale.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Yaba Jojakine o hlobola diaparo tsa hae tsa teronko; a nna a ja dijo pela morena ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.


Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.


Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.


Eitse morena ha a kena ho bona ba dutseng dijong, a bona motho ya sa aparang kobo ya bohadi.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.


Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Hobane ke tla ba rekolohela makgopong a bona, mme nke ke ka hlola ke sa hopola dibe tsa bona le ditlolo tsa bona.


Jwale, ka tadima, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata a teetseng terone, le dibopuwa tse phelang tse nne le baholo hare, mme palo ya wona e ne e le dikete tse dikete le mashome a dikete a mashome a dikete.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan