Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Aarone a etsa jwalo; a bea dilampi tseo kapele ho kandelare, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Arone a etsa jwalo, a hotetsa mabone hore a bonese kapele ho sedulwana, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 8:3
5 Iomraidhean Croise  

le kandelare ya kgauta e hlwekileng ka dilampi tsa yona, e leng dilampi tse lokiseditsweng yona, le mesebetsi yohle ya yona le ole ya ho bonesa;


a lokisa dilampi pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Bua le Aarone, o re ho yena: Etlere ha o bea dilampi, o di lokise ka mokgwa wa hore dilampi tse supileng di hlahisetse lesedi la tsona kapele ho kandelare.


Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.


Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan