Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ba tla bolela sebe se entsweng ke bona, mme ba tla busa ntho kaofela e hlahisitseng molato, ba e ekeletse ka bohlano ba yona, mme ba tla e nea eo ba mo sitetsweng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 5:7
14 Iomraidhean Croise  

Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,


le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.


Motho ya tlang ho ba le molato wa ntho e nngwe ya tseo, o tla bolela sebe sa hae;


Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.


Ha ekaba eo a se na banababo ba ka buseletswang ntho eo, tefo e lefshwang e tla ba ya Jehova, newe moprista, le yona pheleu ya pheko eo ho tla etswa pheko ka yona.


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan