Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Kahodima yona, ba tla bea dintho tsohle tsa tshebetso ya yona, e leng dipitsa tsa dibano, le difereko, le dikgarashwana, le mehope ya dinwelo, le mesebetsi yohle ya aletare; ba tla ala kahodimo sekgurumetso sa matlalo a diqibi, ba kenye ho yona mejaro.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 Ba bee dijana tsohle tsa aletare hodima yona, tseo ba sebeletsang ka tsona, e leng dithotobolo, le difereko, le dikgarashwana, le dikotlolo, le dijana tsohle tsa aletare, ebe ba di kwahela ka letlalo la qibi, ba nto e kgwesa mefenng ya yona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 4:14
7 Iomraidhean Croise  

Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,


O tla etsa aletare ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be tswe tse hlano, bophara ba yona e be tswe tse hlano. Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang, mme bophahamo ba yona e be tswe tse hlano.


O tla etsa dipitsana tsa yona tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa mashala; mesebetsi yohle ya yona o e etse ka koporo.


Ba tla ola molora o aletareng, ba ale hodima yona lesela la purepera.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


ba tla bea hodima yona sekgurumetso sa matlalo a diqibi, kahodimo ba tla ala lesela la purepera kahohle, mme ba tla kenya arekeng mejaro ya yona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan