Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 32:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Batho bana ba tswileng Egepeta, ho qala ka ya nang le dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo, ba ke ke ba bona naha eo ke hlapantseng, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; hobane ha ba ka ba nkgomarela hantle;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 ‘Ruri, banna bohle bao ke ba nyolotseng Egepeta, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ke ke ba bona naha eo ke neng ke e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hobane ha ba a ntatela ka botshepehi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 32:11
9 Iomraidhean Croise  

ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.


Empa haele mohlanka wa ka, Kalebe, kahobane moya osele o ho yena, o bile a ntatela ka kutlo e phethehileng, ke tla mo kenya lefatsheng leo a kileng a kena ho lona, mme ditloholo tsa hae di tla le rua.


Balang phutheho kaofela ya bana ba Iseraele, ka matlo a bontata bona, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, e leng bohle ba Iseraele ba ka yang ntweng.


Ha ho le a mong wa banna ba mofuta oo o mobe ya tlang ho bona lefatshe le molemo leo ke anneng, ka re, ke tla le nea bontata lona,


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan