Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 30:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa ha a di fedisa ho se ho fetile letsatsi leo a di utlwileng ka lona, o tla jara molato wa mosadi wa hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

15 Empa haeba a ka di nyopisa ho se ho fetile nako a di utlwile, monna eo ke yena ya tla jara molato wa mosadi wa hae.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 30:15
7 Iomraidhean Croise  

Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.


Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela.


Ha monna wa hae a ikgutsetsa pela hae ka tsatsi le leng le le leng, o fela a tiisa jwalo maikano wohle a hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona; o a di tiisa kahobane o ikgutseditse pela hae ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona.


Ke yona melao eo Jehova a e laetseng Moshe bakeng sa monna le mosadi wa hae, le bakeng sa motswadi le moradi wa hae, ha eo a sa le motjha tlung ya ntatae.


empa ha ntatae a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, boikano bohle ba hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di ke ke tsa tiya; mme Jehova o tla mo tshwarela, kahobane o tla be a nyatsitswe ke ntatae.


empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.


Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan