Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 3:51 - Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Moshe a nea Aarone le bara ba hae tjhelete eo ya topollo, a ba nea yona ka taelo ya Jehova, le kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

51 Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 3:51
11 Iomraidhean Croise  

Bana ba Iseraele kaofela ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng; ba fela ba etsa jwalo.


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


Moshe, kamoo a neng a laetswe ke Jehova kateng, a fela a ba bala, lefeelleng la Sinai.


Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


O tla nea Aarone le bara ba hae tjhelete e lopollang matsibolo a fetileng palo ya Balevi.


mme hodima matsibolo ana a bana ba Iseraele, a nka dishekele tse kete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a tsheletseng a metso e mehlano, e leng dishekele tsa sehalalelo;


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan