Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 27:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

21 O tla ema kapele ho moprista Eleasare, yena a mmotsetse diqeto tsa Morena, ka ho sebedisa lejwe la Urime. Ka taelo ya Joshua bana bohle ba Iseraele ba tla tswa, mme ba tla kgutla ba ena le yena, le setjhaba sohle.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 27:21
23 Iomraidhean Croise  

Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Mmusisi a ba bolella hore ba se no ja ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.


Mmusisi a ba bolella hore ba se no ya ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.


Mokgajwaneng wa kahlolo o tla bea Urime le Thummime, di tle di be sefubeng sa Aarone, ha a kena pela Jehova; Aarone o tla jarela bana ba Iseraele kahlolo sefubeng sa hae, pela Jehova, ka ho sa feleng.


A ntoo mo apesa mokgajwana, mme mokgajwaneng a bea Urime le Thummime.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


ba fihla, ba itlhahisa pela Moshe, le pela moprista Eleasare, le pela marena le phutheho yohle, monyako wa tente ya pokano, ba re:


O tla mo abela karolo e nngwe ya boholo ba hao, hore phutheho yohle ya bana ba Iseraele e mo utlwe.


Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng. A nka Joshua, a mmea pela moprista Eleasare le pela phutheho kaofela;


Moshe a bea taba ya bona pela Jehova.


Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tla o etella pele, mme o tla fedisa ditjhaba tseno pela hao, o tle o rue naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla o etella pele, jwalokaha Jehova a boletse.


Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;


Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Saule a re a sa bua le moprista, moferefere wa nna wa tota le ho ata haholo diahelong tsa Bafilesta. Saule a re ho moprista: Honyetsa letsoho la hao.


Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


Ebile Davida o re ho moprista Abiathare, mora Akimeleke: Ako atametse efoda pela ka. Abiathare a atametsa efoda pela Davida.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan