Bona, ke hopotse ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, jwalokaha Jehova a boleletse ntate Davida, a re ho yena: Mora wa hao eo ke tla mmea teroneng ya hao tulong tsa hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.
Le tla teela morena hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae, mme ya kenang diemeng a bolawe. Le latelle morena, leha a etswa, leha a kena.
Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.
Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?
Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.