Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 26:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Bara ba Manasse ke bona bana: ka Makire ho hlahile ntlo ya Bamakire. Makire a tswala Gileade. Ka Gileade ho hlahile ntlo ya Bagileade.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

29 Bara ba Manase ke Makiri, ya tswetseng morabe wa Makiri. Makiri ke yena ya tswetseng Gileade; ha Gileade e le yena ya tswetseng morabe wa Gileade.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 26:29
9 Iomraidhean Croise  

Empa Iseraele a nanabetsa letsoho le letona, a le bea hloohong ya Efraime, kanthe e le e monyenyene, mme letsoho la hae le letshehadi a le bea hloohong ya Manasse, a fapanya matsoho ka boomo, kanthe Manasse e ne e le e moholo.


Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.


Hamorao, Hetsrone a kena ho moradi wa Makire, ntata Gileade, a mo nyala a le dilemo tse mashome a tsheletseng; eo a mo tswalla Segube.


Dihlooho tsa ntlo ya bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse, hara matlo a bara ba Josefa, tsa atamela, mme tsa bua pela Moshe le pela marena ao e leng dihlooho tsa matlo a bana ba Iseraele.


Makire yena ka mo nea Gileade.


Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.


Ba bang ba eba Baefraime ba medileng metso thabeng ya Amaleke; kamora hao ho ne ho tsamaya Benjamine hara batho ba hao; ha theoha le batsamaisi ba Makire, le ba Sabulone ba tshwereng lere la balaodi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan