Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 26:10
15 Iomraidhean Croise  

Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.


Ho tla nkwa lentswe la thohako ho bona ke ba kgoleho kaofela ba Juda ba leng Babilona, ba tla re: Jehova a ke a o etse jwaloka Tsedekia le jwaloka Akabe, bao morena wa Babilona a ba tjhesitseng mollong.


Ke tla tonela motho eo mahlo, ke be ke mo timeletse, ke mo etse pontsho le polelo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba makgolo a mabedi a mashome a mahlano ba bana ba Iseraele, dihlooho tsa phutheho, batho ba baholo ba lekgotla, banna ba mabitso.


Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.


O tla ngola lebitso la e mong le e mong thupeng ya hae, mme o tla ngola lebitso la Aarone thupeng ya Levi; hobane ho tla ba thupa e le nngwe ka morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.


Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.


le seo a se entseng Dathane le Abirame, bara ba Eliabe, mora Rubene, kamoo lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona, la ba metsa le ba matlo a bona, le ditente tsa bona, le dintho tsohle tsa bona, ba le hara Baiseraele kaofela.


mme dithohako tseo di tla ba hodima hao, le hodima ditloholo tsa hao, kamehla, e be dipontsho le mehlolo.


mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan