Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 E, ka mmona ke le qhoweng e hodima mafika, Ka mmona ke le hodima maralla. Sena ke setjhaba se ahileng se le inotshi, se ke keng sa balellwa hara tjhaba tse ding.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 23:9
15 Iomraidhean Croise  

Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.


Tlohang, le nyolohele ho setjhaba se iketlileng, se ahileng ka tshepo, ho bolela Jehova; ha ho menyako leha e le mekwallo ho sona, se ahile se nnotshi.


Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Yanayare mohla E moholoholo a abelang ditjhaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meedi ya ditjhaba ka palo ya bana ba Iseraele;


Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan