21 Balaame a tsoha hosasa, a qhaneha esele ya hae, a ya le matona a Moabe.
21 Bileame a tsoha e sa le hoseng, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya le mahosana a Moabe.
Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.
Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.
Empa o ne a kgalemellwe bokgopo ba hae; esele e se nang puo, ya thibela bohlanya ba moporofeta ka lentswe le kang la motho.