Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova a utlwa lentswe la Baiseraele, a ba neela Bakanana; mme ba neela metse ya bona anathema. Sebaka seo sa rewa lebitso la Horma.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 21:3
11 Iomraidhean Croise  

Jehova o utlwa merapelo ya ba tshwenyehang.


o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.


Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka;


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Yaba Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile thabeng eo ba theoha, ba ba qhala, ba ba bolaya ho isa Horma.


Baamore ba neng ba ahile thabeng eo, ba le kgahlanyetsa, ba le phallela jwaloka hoja ke dinotshi, mme a le hlola Seire, ho ya fihla Horma.


Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela;


e mong, ke morena wa Horma; e mong hape, ke morena wa Arade;


Eltholade, Kesile, Horma;


Hape, Juda ba tsamaya le Simeone ngwanabo, ba ya, ba hlola Bakanana ba ahileng Tsefathe, mme ba ba neela anathema. Ka baka leo, motse oo wa rewa lebitso la Horma (anathema).


le ho ba Horma, le ho ba Kor-Ashane, le ho ba Athake;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan