Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 20:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 20:11
24 Iomraidhean Croise  

Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.


Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


A patsola lefika, mme metsi a kolla ho lona, a matha feelleng ka diphororo.


o fetolang lefika matsha a metsi, le lehakwe le thata mohlwedi o tsaratsehang!


Wa tsaradisa mehlodi le melatswana, wa pshesa dinoka tse sa psheng le mehla.


Wa patsola mafika lefeelleng, wa ba nosa teng jwaloka hola ba enwa madibeng a maholo,


wa ntsha dinokana lefikeng, wa phallisa metsi ka diphororo.


O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?


Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.


Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.


Ba ke ke ba nyorwa naheng e tshehla, ha ba haola ka yona; o tla phallisa metsi lefikeng bakeng sa bona, a petsole lefika, metsi a kwelle ho lona.


Nna, ke o tsebile feelleng, fatsheng le omileng.


Nadabe le Abihu, bara ba Aarone, ba nka e mong le e mong pitsana ya ho tjhesa dibano, ba okga mollo ka tsona, ba ntoo di tshela ka dibano, mme ba hlahisa pela Jehova mollo osele, e le seo a sa kang a ba laela sona.


Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.


ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,


hobane kgalefo ya motho ha e phethe ho loka ha Modimo.


Yaba Modimo o petsola lefika le sekoti la Lehi, metsi a ba a tswa ho lona; a nwa, mme pelo ya hae ya boela bodulong, a thuseha. Ka baka leo, ho reilwe lebitso la teng Ene-Hakkore (sediba sa ya howeletsang); sediba seo se sa le teng Lehi le kajeno.


Ha o a ka wa utlwa lentswe la Jehova keng, ha o ile wa itihela kgapong, wa etsa bobe pela mahlo a Jehova?


Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan