Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

21 “Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 19:21
12 Iomraidhean Croise  

Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.


Ya ka jang nama ya setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya; ya tlang ho jara setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya.


Balevi ba tla etsa tshebetso ya tente ya pokano, mme ba tla jara bokgopo ba bona. Ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele; hoo e tla ba molao o sa feleng hara ditloholo tsa bona.


Ke metsi a etsang pheko. Ya bokeletseng molora wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bana ba Iseraele le ho moditjhaba ya jakileng hara bona.


Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Ya tjhesitseng sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae ka metsi, a hlatswe mmele wa hae metsing; empa etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan