Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 “Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 18:4
10 Iomraidhean Croise  

ke tla ba bea balebedi ba dintho tseo ke di beileng ka tlung, ho sebetsa mosebetsi wohle wa ntlo le tsohle tse tshwanetseng ho etswa ho yona.


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


Ba tla boloka seo o tla ba laela sona, le tsa tente yohle; empa ba se ke ba atamela mesebetsi ya sehalalelo, leha e le aletare, esere mohlomong ba timela, hammoho le lona.


Le boloke sehalalelo le aletare, hore ho se ke ha hlola ho eba bohale bo tukelang bana ba Iseraele.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.


A ka nna a thusa banababo tenteng ya pokano ho boloka tse tshwanetseng ho hlokomelwa, empa a se ke a tlangwa hore a sebetse. Tse beetsweng Balevi bakeng sa mosebetsi wa bona, o tla di phetha jwalo.


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan