Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Kore, mora Jitsehare, mora Kehathe, mora Levi, le bara ba bararo ba Rubene, Dathane, le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora Pelethe,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Kora, mora wa Isihare, mora wa Kohate, mora wa Levi, a ena le Datane le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora wa Pelete, e leng bara ba Rubene;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 16:1
11 Iomraidhean Croise  

Ba honohela Moshe diahelong, le Aarone, mokgethwa wa Jehova.


Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.


Bara ba Jitsehare: Kore, Nefege le Sikri.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora.


le seo a se entseng Dathane le Abirame, bara ba Eliabe, mora Rubene, kamoo lefatshe le ahlamisitseng molomo wa lona, la ba metsa le ba matlo a bona, le ditente tsa bona, le dintho tsohle tsa bona, ba le hara Baiseraele kaofela.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan