Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 14:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatsheng leo, mme o tla re nea lona; ke lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 Haeba Morena a kgahlilwe ke rona, o tla re fihlisa naheng eo, a re nee yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 14:8
15 Iomraidhean Croise  

A nntshetsa sebakeng, a mpholosa, kahobane a ne a nthata.


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.


ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.


Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng.


Etswe o sa ka wa re tlisa naheng e kollang lebese le dinotshi, leha e le ho re nea lefa la masimo le la dirapa tsa merara. Hleka o tla hle o phunye mahlo a banna bana na? Re ke ke ra ya.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Jehova o kgomaretse bontatao ba nnotshi hore a ba rate, mme kamora bona, o kgethile ditloholo tsa bona, ke ho re lona, hara ditjhaba tsohle, kamoo ho leng kateng le kajeno.


Jwale, nnee thaba ena eo Jehova a e boletseng mohlang oo; hobane o utlwile le wena mohlang oo hobane teng ho na le Baanake, hape ho na le metse ya metonana e marako; ha ekaba Jehova a ka ntlatsa, nka ba leleka, jwalokaha Jehova a boletse.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan