Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 13:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Empa feela, batho ba ahileng naheng eo ke dinatla, mme metse ya teng e haheleditswe ka marako, mme e meholo haholo; esita le bana ba Anake re bile ra ba bona teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

28 Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 13:28
12 Iomraidhean Croise  

Yaba Jishbi-Benobe, wa mofuta wa Barefaime eo lerumo la hae le neng le na le boima ba dishekele tse makgolo a mararo tsa koporo, ya ikgahlotseng le ka sabole e ntjha, a re o bolaya Davida.


re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, se boemo bo bolelele jwaloka Baanake. Jehova a ba fedisa pela bana ba Ammone; yaba bao ba ba lelekisa, mme ba aha tulong tsa bona.


Metse eo yohle e ne e teetswe hare ke marako a malelele, e na le menyako le mekwallo, ho sa balwe metse e mengatangata e se nang marako.


Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.


Jwale, nnee thaba ena eo Jehova a e boletseng mohlang oo; hobane o utlwile le wena mohlang oo hobane teng ho na le Baanake, hape ho na le metse ya metonana e marako; ha ekaba Jehova a ka ntlatsa, nka ba leleka, jwalokaha Jehova a boletse.


Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.


Kalebe yena a newa Hebrone, kamoo Moshe a neng a boletse kateng, mme a leleka bara ba bararo ba Anake teng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan