Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 “Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 10:9
34 Iomraidhean Croise  

Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.


Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


Eitse ha Bajuda ba reteleha, ba bona ntwa e ba tlela kapele le kamorao. Yaba ba howeletsa ho Jehova; baprista ba letsa diterompeta;


Jehova, o nkgopole ka baka la lereko la hao ho setjhaba sa hao; o ntlele ka poloko ya hao,


ba tujwa ke dira tsa bona, ba kokobetswa tlasa matsoho a tsona.


Ya re hopotseng boikokobetsong ba rona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Lona kaofela ba ahileng lefatsheng lohle, le lona ba ahileng naheng ena, etlare ha folaga e emisitswe hodima dithaba, le lelale; etlare terompeta ha e letswa, le mamele!


Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Ke tla bona folaga ho isa hokae, ke utlwe modumo wa terompeta ho isa kae na?


Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ke tla hlaba mokgosi wa ntwa ka wona hodima Rabba wa bana ba Ammone, mme o tla etswa qubu ya dithako, metse ya bona e tjheswe ka mollo; mme Iseraele o tla rua lefa la ba neng ba mo ruile, ho bolela Jehova.


Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


Ho letswa terompeta, ho lokiswa tsohle; leha ho le jwalo, ha ho ya yang ntweng, hobane kgalefo ya ka e ya tlela letshwele lohle la bona.


Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Ke tsatsi la phala le la mokgosi o hlabelwang metse e matla le marako a phahamileng.


Moshe a romela banna bao ntweng, e le ba sekete ka leloko le leng le le leng, a romela le bona ntweng mora wa moprista Eleasare, Finease, a jere dintho tse kgethehileng le diterompeta tse mantswe a phepa.


Mme ekare ha terompeta e ena le modumo o sa kgethweng, ke mang ya tla phallela ntweng?


Etlere ha o futuhela dira tsa hao, mme o bona dipere, le makoloi, le batho ba o fetisang ka bongata, o se ke wa ba tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, o na le wena.


Etlere ha ba letsa halelele ka manaka a tlerolang, ha le utlwa modumo wa terompeta, setjhaba kaofela se hlabe ditlatse tse kgolo; mme lerako la motse le tla heleha kaofela, mme motho ka mong o tla nyoloha hona pela hae.


Le mohla le neng le tshwenngwa ke Basidone le Baamaleke le Bamidiane, la howeletsa ho nna, mme ka le namolela matsohong a bona.


Ka selemo seo ba tshwenya, ba hatakela bana ba Iseraele hampe; hape ba tshwenya bana ba Iseraele bohle ba leng mose wane wa Jordane, naheng ya Baamore, e leng Gileade, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Enere Jehova ha a ba hlahisetsa baahlodi, Jehova o ne a emela moahlodi, a ba namolela matsohong a dira tsa bona ka ditshiu tsohle tsa moahlodi eo; hobane Jehova o ne a ntse a fetoha ke ho utlwa dillo tsa bona ha ba lliswa ke ba ba hlorisang, ba ba tshwenyang.


Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele.


Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.


ka le namolela matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le tshwenya; ka ba lelekisa pela lona, ka ba ka le nea lefatshe la bona;


A re ho bana ba Iseraele: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke ne ke nyolle Baiseraele Egepeta, ka ba ka le namolela matsohong a Baegepeta le matsohong a marena wohle a nnileng a le hlorisa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan