Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Numere 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ho bara ba Gade, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

24 Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Numere 1:24
9 Iomraidhean Croise  

Bara ba Gade: Tsifione, le Haggi, le Shuni, le Etsbone, le Eri, le Arodi, le Areeli.


Gade o tla lwantshwa ke makgotla, empa o tla a qhala, a a phallele.


Bakeng sa bana ba Ammone, ho itswe ke Jehova: Na Iseraele ha a na bana, na ha a na mojalefa na? Malkome o jelang lefa la Gade, setjhaba sa hae se ahile jwang metseng ya hae?


Ba ngotsweng ba Simeone ya eba dikete tse mashome e mahlano a metso e robileng mono o le mong, tse nang le makgolo a mararo.


Ba ngotsweng ba leloko la Gade ya eba dikete tse mashome a mane a metso e mehlano, tse nang le makgolo a tsheletseng a nang le mashome a mahlano.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba tshela ba etella bana ba Iseraele pele ba hlometse, jwalokaha Moshe a ne a ba boleletse.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan