Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 13:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le Batire, ba ahileng Jerusalema, ba ne ba tlisa dihlapi le mesebetsi e meng ya mefuta, ba rekisa ka yona ka Sabatha ho bana ba Juda le Jerusalema.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 Banna ba Tire, ba neng ba ahile moo, ba ne ba tlisa dithlapi le thepa ya mefutafuta Jerusalema, ba e rekisetsa ba morabe wa Juda ka Sabatha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 13:16
5 Iomraidhean Croise  

Mehleng eo, ka bona batho ba hatang dihatelong ka Sabatha naheng ya Juda, le ba thothelang mangata hae, ba a belesitse diesele; le veine, le merara, le difeiye, le mesebetsi e meng ya mefuta, ba di tlisa Jersalema ka tsatsi la Sabatha; mme ka ba kgalemela ka letsatsi leo ba rekisang dijo ka lona.


Ka kgalemela baholo ba Juda, ka re ho bona: Bobe bona boo le bo etsang bo reng, ha le hlompholla letsatsi la Sabatha?


Empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo, leha e le wena, leha e le mora wa hao, leha e le moradi wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo tsa hao, leha e le moeti wa hao ya ka menyakong ya hao.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka lona, leha e le wena, leha e le mora wa hao, kapa morali wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hao, leha e le esele ya hao, leha e le phoofolo e nngwe ya hao, leha e le moeti wa hao ya menyakong ya hao; hore mohlanka wa hao e motona le e motshehadi ba phomole jwaloka wena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan