Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Nehemia 12:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Ba nna ba boloka tsohle tseo e leng tsa tshebeletso ya Modimo wa bona le tseo e leng tsa dihlwekiso; le tsona dibini le balebedi ba menyako ba etsa jwalo, kamoo ho neng ho laetse Davida le Salomone mora hae kateng;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

45 Ba phetha mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa ho hlwekisa. Dibini le balebedi ba menyako le bona ba ne ba etsa jwalo, ho ya ka taelo ya Davida le ya Solomone mora wa hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Nehemia 12:45
5 Iomraidhean Croise  

Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


Ho se ke ha kena motho tlung ya Jehova, haese baprista, le Balevi ba tshwereng tshebetso; bona ba ka kena, etswe ba halalehile, mme setjhaba sohle se tla lebela Jehova.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan