Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Moeklesia 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Lefeela le leng ke lena le leng teng lefatsheng, ke hobane ho na le ba lokileng ba hlahelwang ke moputso o loketseng mesebetsi ya ba bolotsana, mme ba bolotsana ba teng ba hlahelwang ke moputso o loketseng mesebetsi ya ba lokileng. Ke boletse hore le hoo ke lefeela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Moeklesia 8:14
16 Iomraidhean Croise  

Ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, mme ha a ka a bea molato ho Modimo.


Na ba bolotsana ba phela keng? Ba tsofala, ba atelwa ke menono jwang?


Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.


Ke bone taba e mpe tlasa letsatsi, ke phoso e yeng e etswe ke mmusi:


Ya bohlale o na le mahlo a hae hloohong, athe lewatla le tsamaya lefifing; leha ho le jwalo, ke lemohile hoba bohle hammoho ba hlahelwa ke tsietsi e tshwanang.


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.


Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan