Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Moeklesia 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 hobane jwaloka ho qhoma ha meutlwa e beswang tlasa pitsa, ho jwalo le ditsheho tsa mawatla. Hoo le hona ke lefeela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

6 Meutlwa ha e beseletsa pitsa e a qhoma; tsheho la dithoto le lona le jwalo. Hona le hona ke lefeela la mafeela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Moeklesia 7:6
10 Iomraidhean Croise  

Leha di ka mpokanela jwaloka dinotshi, di tla tingwa jwaloka mollo wa meutlwa. Ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya.


Dipitsa tsa lona di eso ho utlwe mollo wa meutlwa, e metala le e tukileng e tla phamolwa hammoho ke setsokotsane.


Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.


Ka ba ka bolela ditsheho, ka re: Ha di tsebisahale; ka bolela le thabo, ka re: E thusang?


Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan