Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mikea 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ke tla timeletsa dipere tsa hao tse ho wena, ke fedise le makoloi a hao;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 “Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bolaya dipere tsa lona, ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mikea 5:10
9 Iomraidhean Croise  

Lefatshe la bona le tletse silefera le kgauta, maruo a bona ha a balwe; naha ya bona e tletse dipere, makoloi a bona ha a na moo a fellang.


Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.


Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.


Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan