Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 8:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Batemona ba mo rapela, ba re: Ha o re leleka mona, o re romele mohlapeng wa dikolobe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

31 Bademona ba rapela Jesu, ba re: “Ha o re leleka mona, o mpe o re romele mohlapeng wane wa dikolobe.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

31 Yaba batemona ba mo rapela, ba re: Ha o ka re leleka, re dumelle hore re ye mohlapeng wa dikolobe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Yaba batemona ba mo rapela, ba re: Ha o ka re leleka, re dumelle hore re ye mohlapeng wa dikolobe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 8:31
9 Iomraidhean Croise  

Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Se neeng dintja dintho tse halalelang, le se ke la lahlela diperela tsa lona pela dikolobe, esere mohlomong tsa di hatakela ka maoto, tsa ntoo sokolohela ho lona, tsa le harola.


Mme hojana le bona, mohlape o moholo wa bo o le teng, wa dikolobe tse fulang.


A re ho bona: Eyang. Yaba ba tswa, ba ya dikolobeng; mme hang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, mme tsa eshwa metsing.


Batemona ba mo rapela, ba re: O re romele dikolobeng tseno, re kene ho tsona.


A ntoo howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena keng, Jesu, Mora Modimo o moholoholo? Ke o antsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.


Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan