Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 25:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa ba bohlale ba araba, ba re: Tjhe; e ke ke ya lekana rona le lona; eyang ho bao e rekwang ho bona, le ithekele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 “Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

9 Empa ba bohlale ba araba, ba re: Che; esere mohlomong ha a ka a lekana rona le lona, le mpe le ye ho ba bapatsang, le ithekele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa ba bohlale ba araba, ba re: Che; esere mohlomong ha a ka a lekana rona le lona, le mpe le ye ho ba bapatsang, le ithekele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 25:9
12 Iomraidhean Croise  

Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Nowe, Daniele le Jobo ba ntse ba le ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara le baradi ba bona; haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona ka ho loka ha bona.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Ba bahlano ho bona e be e le ba bohlale, ba bahlano ba bang e be e le mawatla.


Mawatla a re ho ba bohlale: Le re qhatsetse ole, hobane dilampi tsa rona di a tima.


Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng;


Hlo o bake bolotsaneng bona ba hao, mme o rapele Modimo; ekaba mohlomong o ka tshwarelwa kgopolo eo ya pelo ya hao.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan