Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 21:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

19 A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

19 Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 21:19
17 Iomraidhean Croise  

A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.


Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.


Barutuwa ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Ana sefate sa feiye se omeletse jwang hanghang?


A bua, a re ho sona: Ho qala jwale, ho se be motho ya sa tla hlola a eja tholwana tsa hao le ka ho sa feleng! Mme barutuwa ba hae ba utlwa.


Hosasa, ha ba feta, ba bona sefate sela sa feiye se omeletse hohle, ho qala ka metso.


Hape, selepe se se se beilwe metsong ya difate. Mme jwale, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.


Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.


Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;


Ya etsang ho sa lokang a nne a etse ho sa lokang; ya itshilafatsang a nne a itshilafatse; ya lokileng a eketse ho loka; le ya halalelang a nne a eketse ho halaletswa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan